Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.
Ruthe 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo. BIBELE Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe. |
Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.
Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;
Yaba o hlohonolofatsa Josefa, a re: Modimo oo bontate Abrahama le Isaaka ba tsamaileng pontsheng ya wona, Modimo o ntisitseng esale ke hlaha ho fihlela kajeno lena,
Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.
Jehova o mohau, o lereko. O nea ba mo tshabang dijo; o hopola selekane sa hae kamehla le mehla.
Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;
Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.
Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;
Hobane jwalokaha pula le lehlwa di theoha lehodimong, mme di sa kgutlele teng di eso ho nosetse lefatshe, le ho le behisa, le ho le medisa, le tle le ntshetse mojadi peo, le moji bohobe;
Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.
Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.
E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona.
Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.
ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.
le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.
Le bona Mahalone le Kilione ba eshwa ba babedi, ha sala mosadi eo ya shwetsweng ke bara ba hae ba babedi le monna wa hae.
A tloha moo a neng a le teng, a ena le dingwetsi tsa hae tse pedi, mme ba ikela ka tsela e boelang naheng ya Juda.
Ka baka lena, Jehova a etela Anna; mme Anna a emola, a tswala bashemane ba bararo le basetsana ba babedi; haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a hola pela Jehova.