Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Morena a araba tjhaba sa hae, a re: “Bonang, ke tla le fa tjhai e ngata, le tjhaye koro le veine le ole, le je, le be le di shebe feela, baditjhaba ba se hlole ba le etsa sesomo.

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:19
21 Referencias Cruzadas  

Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Ke tla ba medisetsa ditlama tse ntle, hore ba se ke ba hlola ba qetwa ke tlala naheng ya bona; ha ba sa tla jara sekgobo sa ditjhaba.


Ha nka ke ka hlola ke utlwahatsa dinyefolo tsa ditjhaba ha eno, ha o sa tla jara sekgobo sa ditjhaba, ha o sa tla kgopisa setjhaba sa heno: ho bolela Morena Jehova.


Ke tla le ntsha ditshileng tsa lona tsohle, mme ke tla mema koro, ke e atise, ke se ke ka hlola ke le romela tlala;


ke tla atisa ditholwana tsa difate, le se melang masimong, hore le se ke la hlola le jara sekgobo sa tlala hara ditjhaba.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Mohlang oo, ke tla utlwa, ho bolela Jehova, ke utlwe mahodimo, wona a utlwe lefatshe,


mme lefatshe le tla utlwa koro le veine le ole, tseo di utlwe Jisreele.


Naha e senyehile, lefatshe le swabile, hobane koro e sentswe, merara e omeletse, difate tsa ole di ponne.


Diotlo di tla tlala koro, ho kgaphatsehe dinkgo tse tletseng veine le oli;


Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.


Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


ke tla nesetsa naha ya lona pula, nakong e tshwanelehang, pula ya tsheola le pula ya hwetla, o tle o kotule koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao.


Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos