Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.”

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:20
15 Referencias Cruzadas  

Hasaele a re: Mohlanka wa hao keng haele moo ke le ntja feela, hore ke etse tse kalo? Elisha a re: Jehova o mpontshitse hobane o tla ba morena wa Siria.


E, Jehova o re etseditse ntho tse kgolo; ke sona se re thabisang.


Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.


Ba di bokella, ba etsa diqubuqubu, lefatshe la ba la nkga.


Bafu ba tsona ba tla lahlwa feela, sebodu se tswe ditopong tsa bona, madi a tsona a phalle dithabeng.


Ka nqa botjhabela, moedi o tla tloha mahareng a Haurane le Damaseka, o ntoo tsamaya mahareng a Gileade le lefatshe la Iseraele, Jordane; le tla o lekanya ho tloha moeding wa leboya ho tlisa lewatleng le ka nqa botjhabela. Ke oo moedi ka nqa botjhabela.


Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Ka tsatsi leo, metsi a kollang a tla tswa Jerusalema, karolo e nngwe ya wona e phallele lewatleng la Botjhabela, e nngwe e phallele lewatleng la Bophirimela; ho nne ho be jwalo lehlabula le mariha.


Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Nqalo e nngwe le e nngwe e tla hatwa ke bohato ba maoto a lona, e tla ba ya lona. Meedi ya lona e tla ba ho tloha feelleng ho isa Lebanone, ho tloha nokeng ya Eufrate ho isa Lewatleng la Bophirimela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos