Bara ba baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, marena a tsona a o sebeletse, hobane, ke na be ke o otlile kgalefong ya ka, empa lerekong la ka ke o hauhetse.
Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?
Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.
Mme lengeloi le buang le nna la mpolella, la re: Phahamisa lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Jerusalema le Sione ka poulelo e kgolo;
Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.
Etsang ditlatse tsa thabo, lona ditjhaba, hammoho le setjhaba sa hae; hobane o ya pheteletsa madi a bahlanka ba hae, a itefetse ho dira tsa hae; mme o tla etsetsa lefatshe la hae le setjhaba sa hae pheko.
Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.