Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka baka lena, Jehova a etela Anna; mme Anna a emola, a tswala bashemane ba bararo le basetsana ba babedi; haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a hola pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:21
11 Referencias Cruzadas  

Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


mme o tla fumana mohau le hlompheho pela Modimo le batho.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.


Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.


Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.


Mme Jesu a nna a hola hlalefong, le boemong, le molemong, pela Modimo le batho.


Mosadi eo a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Samsone; ngwana a nna a hola, mme Jehova a nna a mo hlohonolofatsa.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a hola, a ntse a kgahlisa Jehova le batho.


Haele Samuele, o ne a ntse a hola, mme Jehova a ba le yena, a se ke a lahlela fatshe letho la taba tsohle tseo a di boletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos