Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:21 - BIBELE

21 Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka baka lena, Jehova a etela Anna; mme Anna a emola, a tswala bashemane ba bararo le basetsana ba babedi; haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a hola pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:21
11 Referencias Cruzadas  

Morena a etela Sara jwalokaha a ne a boletse, mme Morena a mo etsetsa jwalokaha a ne a mo tshepisitse.


Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso.


O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona.


“Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, a se lopolla.


Ngwana a hola, a matlafala moyeng, mme a hlola lefeelleng ho fihlela a hlahiswa ho Iseraele.


Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena.


Jesu a nna a tswela pele bohlaleng, le ho holeng, mme a kgahleha pela Modimo le pela batho.


Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa.


Moshanyana Samuele a nna a hola, mme a nna a rateha ho Morena le ho batho.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos