Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 1:6 - BIBELE

6 Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 1:6
27 Referencias Cruzadas  

Morena a etela Sara jwalokaha a ne a boletse, mme Morena a mo etsetsa jwalokaha a ne a mo tshepisitse.


Yaba Jakobo o a ikana, o re: “Haeba Modimo a ka ba le nna, a mpaballa leetong lena leo ke le nkileng, a mpha bohobe ka ja, le diaparo ka apara,


Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re: “Modimo ya kgahlisitsweng ke bo-ntatemoholo, ke bo-ntatemoholo Aborahama le Isaka, ba mo kgahlisa ka metsamao ya bona; yena Modimo ya ileng a nkalosa, ho tloha bonyenyaneng ba ka, a nkalosa ho fihlela kajeno.


Josefa a re ho bara ba Iseraele, ba ikane hore, mohla Modimo a ba etelang, ba tla tlosa masapo a hae Egepeta.


Ako tsohe, o utlwele Sione bohloko; ke nako jwale ya ho e hauhela, motsotso o fihlile.


O fepa ba mo tshabang; o hopola selekane sa hae kamehla.


Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala, mafutsana a yona ke a fepe, ke a fepe, a kgore.


Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang.


o ahlolela ba hateletsweng, o fepa ba lapileng; Morena o lokolla batlamuwa,


O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng.


“Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta.


Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela.


Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng;


“Jwalokaha pula le lehlwa di etswa lehodimong, mme di sa kgutlele teng di sa kolobisa lefatshe, hore le medise dimela di tle di atlehe, di hlahisetse mojadi peo, batho ba fumane dijo;


“Morena o bua tjena: ‘Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.


Morena a araba tjhaba sa hae, a re: “Bonang, ke tla le fa tjhai e ngata, le tjhaye koro le veine le ole, le je, le be le di shebe feela, baditjhaba ba se hlole ba le etsa sesomo.


E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.”


O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


“Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, a se lopolla.


di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”


Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.


Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda,


Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos