Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 1:5 - BIBELE

5 Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Le bona Mahalone le Kilione ba eshwa ba babedi, ha sala mosadi eo ya shwetsweng ke bara ba hae ba babedi le monna wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 1:5
9 Referencias Cruzadas  

Jwale ka pelong ya hao o tla re: ‘Bana baa ke ba tswaletswe ke mang? Ke ne ke shwelwe ke bana, ka ba jwaloka nyopa, ka thopuwa, ka iswa kwana le kwana. Bana baa ba hodisitswe ke mang? Ke ne ke setse ke le mong feela, empa jwale baa bona ba tswa kae?’ ”


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.


Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la e mong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome.


Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos