Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 19:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

44 di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

44 Ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena; mme ba ke ke ba siya lejwe hodima lejwe le leng ho wena; hobane ha o a ka wa tseba nako ya ketelo ya hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena; mme ba ke ke ba siya lejwe hodima lejwe le leng ho wena; hobane ha o a ka wa tseba nako ya ketelo ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Luka 19:44
19 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo motho ya tlang ho tshwara bana ba hao, a ba pshatlanye majweng!


Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?


Hobane ke tla o lalla ka nqa tsohle, ke o teele hare ka makgotla, mme ke tla haha difika tse phahameng ho o lwantsha.


Ha ho ka ke ha phonyoha le a mong ho bona, hobane ke tla hlahisetsa batho ba Anathothe kotsi ngwaheng wa kgalemelo ya bona.


Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Empa Jesu a re: Le a di bona ntho tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa teng lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.


Jesu a araba, a re ho yena: O a e bona mehaho e meholo eo? Ha ho ka ke ha leswa mona lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.


ka baka la pelo e mohau wa Modimo wa rona, eo mafube a meso a lehodimo a re etetseng ka yona,


a re: Jo! hoja ebe le wena o tsebile, le ka tsatsi lena la hao, tse ka beng di o hlahisetsa kgotso! Empa jwale di patetswe mahlo a hao.


Haele ka tseo le di tadimileng, ho ya tla matsatsi ao lejwe le sa tlo ka le leswa hodima lejwe le leng, le sa heletswa.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos