Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
Numere 9:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha nna ha eba jwalo kamehla: motshehare leru le ne le e kgurumetsa, mme bosiu le ne le tshwana le mollo. BIBELE Kamehla ho ne ho ye ho be jwalo, leru le kwahele Tente ya Morena, bosiu e be kganare ya mollo. |
Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, ha o a ka wa ba lahlela feelleng; topallo ya leru ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
Hobane leru la Jehova le ne le le tabernakeleng motshehare, bosiu e be mollo, pontsheng ya ba ntlo yohle ya Iseraele, ho tsamayeng hohle ha bona.
Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba bontate moholo ba bile bohle katlasa leru, mme bohle ba ne ba tshele lewatle;
ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.
ya neng a ntse a le etella pele tseleng ho le batlela dibaka tseo le tla emisa ho tsona, bosiu a le bonesetse ka mollo tsela ya lona eo le neng le tshwanetse ho ya ka yona, mme motshehare a le tsamaise ka leru.
Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.