Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 40:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Hobane leru la Jehova le ne le le tabernakeleng motshehare, bosiu e be mollo, pontsheng ya ba ntlo yohle ya Iseraele, ho tsamayeng hohle ha bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 Motsheare leru la Morena le ne le eba hodima Leaho, mme bosiu mollo o ne o ye o be teng lerung, moo bana bohle ba Iseraele ba bonang, maetong wohle a bona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:38
10 Referencias Cruzadas  

Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla bana ba Iseraele Egepeta, le jwale, ke mpa ke itsamaetse ka tente le ka tabernakele.


A phutholla leru ho ba sireletsa, le mollo ho ba bonesetsa bosiu.


motshehare wa ba tsamaisa ka leru, le bosiu bohle ka kgabo ya mollo.


Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.


Topallo ya leru e ne e sa suthe kapele ho setjhaba motshehare, leha e le topallo ya mollo bosiu.


Enere ha ba tloha moo ba neng ba emisitse teng, leru la Jehova le ne le le hodima bona motshehare.


ba ke ke ba siya letho la yona le ka sallang hosasane; ba ke ke ba roba lesapo la yona, leha le le leng; ba tla e etsa ka ditaelo tsohle tsa Paseka.


Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.


Ha nna ha eba jwalo kamehla: motshehare leru le ne le e kgurumetsa, mme bosiu le ne le tshwana le mollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios