Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:16 - BIBELE

16 Kamehla ho ne ho ye ho be jwalo, leru le kwahele Tente ya Morena, bosiu e be kganare ya mollo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha nna ha eba jwalo kamehla: motshehare leru le ne le e kgurumetsa, mme bosiu le ne le tshwana le mollo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:16
13 Referencias Cruzadas  

Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


A phuphuthisa leru, la ba kwahela; mollo wa ba bonesetsa bosiu.


Motsheare a ba etella pele ka leru, bosiu bohle ka kganya ya mollo.


Yaba leru le kgurumetsa Tente ya Morena, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Leahong.


Motsheare leru la Morena le ne le eba hodima Leaho, mme bosiu mollo o ne o ye o be teng lerung, moo bana bohle ba Iseraele ba bonang, maetong wohle a bona.


Bana beso, ke rata ha le tseba hore baholoholo bohle ba rona ba ne ba tsamaiswa ke leru, mme bohle ba tshela lewatle.


Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.


e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.”


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos