Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:15 - BIBELE

15 Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:15
21 Referencias Cruzadas  

Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


A phuphuthisa leru, la ba kwahela; mollo wa ba bonesetsa bosiu.


Motsheare a ba etella pele ka leru, bosiu bohle ka kganya ya mollo.


Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare.


Leru le lopaletseng le nnile la ba kapele ho setjhaba motsheare, le kganare ya mollo kapele ho sona bosiu.


E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya.


“Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, o tla hloma Leaho, Tente ya Morena.


Yaba leru le kgurumetsa Tente ya Morena, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Leahong.


Jwale Moshe a sitwa ho kena ka Tenteng ya Morena, hobane leru le ne le e kgurumeditse, mme tlotla ya Morena e tletse ka Leahong.


Motsheare leru la Morena le ne le eba hodima Leaho, mme bosiu mollo o ne o ye o be teng lerung, moo bana bohle ba Iseraele ba bonang, maetong wohle a bona.


Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.


Leru la Morena le ne le ba okametse motsheare, ha ba tloha diahelong.


Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.


Moshe a bea melamu ena kapele ho Morena, ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane.


Bana beso, ke rata ha le tseba hore baholoholo bohle ba rona ba ne ba tsamaiswa ke leru, mme bohle ba tshela lewatle.


e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos