Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 9:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, ha o a ka wa ba lahlela feelleng; topallo ya leru ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 9:19
23 Referencias Cruzadas  

Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.


Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a dira tsa bona, tsa nna tsa ba tshwenya; mehleng ya matshwenyeho a bona, ba nnile ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong, mme mehauhelong ya hao e mengata wa ba nea banamoledi ba ba namolelang matsohong a dira tsa bona.


Empa mehauhelong ya hao e mengata, ha o a ka wa ba qeta, ha o a ka wa ba furalla; etswe o le Modimo o mohau, o lereko.


a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,


A ba a haodisa setjhaba sa hae feelleng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Enere ha leru le phahama hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; ha eba jwalo ho tsamayeng hohle ha bona.


Hobane leru la Jehova le ne le le tabernakeleng motshehare, bosiu e be mollo, pontsheng ya ba ntlo yohle ya Iseraele, ho tsamayeng hohle ha bona.


Elellwa teng, Jakobo; le wena Iseraele; hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile; o mohlanka ho nna, Iseraele, ha o ka ke wa lebalwa ke nna.


Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Empa leihlo la ka la nna la ba qenehela, hore ke se ke ka ba timetsa, mme ha ke a ka ka ba fedisa nahathothe.


Ka mpa ka honyetsa letsoho la ka, ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Sekeha tsebe, Modimo wa ka, o mamele! Tutuboloha, o tadime dithako tsa rona, le motse o bitswang ka lebitso la hao, hobane leha re bea dikopo tsa rona pela hao, ha re itshepise ka ho loka ha rona, empa e le ka mehauhelo ya hao e meholoholo.


Empa ho Morena, Modimo wa rona, ho na le mohau le tshwarelo, hobane re ikgantsheditse yena.


Hobane, nna Jehova, ha ke a fetoha, ke moo lona, bara ba Jakobo, le sa kang la timela.


mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos