Eksoda 40:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)34 Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele. Ver CapítuloBIBELE34 Yaba leru le kgurumetsa Tente ya Morena, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Leahong. Ver Capítulo |
ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.