Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba bontate moholo ba bile bohle katlasa leru, mme bohle ba ne ba tshele lewatle;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana beso, ke rata ha le tseba hore baholoholo bohle ba rona ba ne ba tsamaiswa ke leru, mme bohle ba tshela lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Hape, banabeso, ha ke rate hore le hloke tsebo, hoba bontata rona bohle ba ne ba le tlasa leru, mme bohle ba ne ba tshetse lewatle;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Hape, banabeso, ha ke rate hore le hloke tsebo, hoba bontata rona bohle ba ne ba le tlasa leru, mme bohle ba ne ba tshetse lewatle;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 10:1
29 Referencias Cruzadas  

ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, ha o a ka wa ba lahlela feelleng; topallo ya leru ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.


A phutholla leru ho ba sireletsa, le mollo ho ba bonesetsa bosiu.


O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.


Wa ba qhoba hamonate, ba sa tshohe letho, mme lewatle la kwahela dira tsa bona.


Empa bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile moo ho omileng, hara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.


mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.


Ba tloha Pi-Hahirothe, ba fetela ka nqa lefeelleng ba tshetse lewatle; ba tsamaya matsatsi a mararo feelleng la Ethame, ba emisa Mara.


Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.


Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.


Hobane ekare ha Modimo o sa ka wa hauhela makala ao e leng wona ka hlaho, le wena o ke ke wa o hauhela.


A ntoo fuwa letshwao la lebollo, e tle e be tiiso ya ho loka ha tumelo, hoo a bileng le hona ha a eso ho bolle; e tle e be yena ntata bohle ba dumelang, leha ba sa ka ba bolla, hore le bona ba tle ba ballwe ho loka;


Haele ka dineo tsa Moya, banabeso, ha ke rate hoba le ka hloka hlalohanyo ya tsona.


Mme ekare ha e mong a hana ho tseba, a ikganele ho tseba.


Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.


ya neng a ntse a le etella pele tseleng ho le batlela dibaka tseo le tla emisa ho tsona, bosiu a le bonesetse ka mollo tsela ya lona eo le neng le tshwanetse ho ya ka yona, mme motshehare a le tsamaise ka leru.


Ka tumelo, ba kile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja e le lefatshe le omileng; mme Baegepeta ha ba leka ho etsa jwalo, ba nkwa ke metsi.


hobane Jehova, Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jordane pela lona, la ba la tshela, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a ne a etse Lewatleng le Lefubedu, leo a le pshesitseng pela rona, ra ba ra tshela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos