La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Modimo wa tla ho Balaame, wa re: Ana banna bao o nang le bona ha hao ke bomang na?

Ver Capítulo

BIBELE

Modimo a fihla ho Bileame, a re: “Banna baa ba nang le wena ke bomang?”

Ver Capítulo



Numere 22:9
16 Referencias Cruzadas  

La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.


Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


Empa Modimo wa tla ho Labane, Moarame, torong ya bosiu, wa re ho yena: O itemohele, o se ke wa bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.


Jehova a re ho Kaine: Abele ngwaneno o kae? Kaine a re: Ha ke tsebe; a ke modisa wa ngwaneso na?


Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.


Jehova a re ho yena: Keng eo e letsohong la hao? A re: Ke lere.


jwalokaha o bone lejwe ha le kgephoha thabeng e seng ka matsoho a motho, le robaka tshepe, koporo, letsopa, silefera le kgauta. Modimo o moholo o tsebisitse morena se tlang ho etsahala kamorao ho mehla ena; toro ke ya nnete, mme kwahollo ya yona e tiile.


Balaame a araba Modimo, a re: Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, o ba romile ho nna ka ho re:


Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.


Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.


Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?


O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba,