Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?” Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 16:8
15 Referencias Cruzadas  

Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.


Abrame a kena ho Agare, mme a emola; mme eitse ha a bona hoba o emotse, mofumahadi wa hae a nyediseha mahlong a hae.


Lengeloi la Jehova la re ho yena: Kgutlela ho mofumahadi wa hao, o ikokobetse tlasa letsoho la hae.


Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.


Yaba Jehova Modimo o bitsa Adama, a re ho yena: O hokae na?


Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.


Elia ha a le utlwa, a ikgurumetsa sefahleho ka kobo ya hae; a tswela ntle, a ema monyako wa lehaha, a utlwa lentswe le mo tlela, le re: O etsang moo, Elia?


A kena lehaheng le leng, a hlola teng. Lentswe la Jehova la mo tlela, la re: O etsang moo, Elia?


Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.


Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.


Eitse ha a emisa mahlo, a bona monna wa moeti lepatlelong la motse; yaba monna eo ya tsofetseng o re ho yena: O ya kae?


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos