Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:20
18 Referencias Cruzadas  

Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.


Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.


Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.


Mme jwale, ke a le rapela, a le ke le hlole mona bosiu, hore ke tle ke tsebe seo Jehova a tla boela a mpolelle sona.


Lengeloi la Jehova la re ho Balaame: Eya le batho bao; empa o se ke wa bua ho hong, haese lentswe leo ke tla o bolella lona. Mme Balaame a ya le matona a Balake.


A araba, a re: Ha ke re, ke tshwanetse ho bolela seo Jehova a se beileng molomong wa ka na?


Jehova a tla ho Balaame, a kenya mantswe molomong wa hae, a re ho yena: Boela ho Balake, o mmolelle hore hoitseng.


Na hase seo ke o boleletseng sona, ka re: Ke tla etsa tsohle tseo Jehova a tla mpolella tsona na?


Jehova a kenya mantswe molomong wa Balaame, a re ho yena: Kgutlela ho Balake, mme o mmolelle hore hoitseng.


Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nka sitwa ho tlola taelo ya Jehova ka ho etsa botle leha e le bobe ke iqalla; seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se phetha.


la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos