Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Yaba Josefa o re ho Faro: “Ditoro tsena tsa Faro ke ntho e le nngwe; Modimo o senoletse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:25
18 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.


Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.


Dikgomo tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng, le diqwapi tse ntle tse supileng ke dilemo tse supileng. Ke toro e le nngwe.


Ke yona taba eo ke e boleletseng Faro: Seo Modimo o tlang ho se etsa o se bontshitse Faro.


Ha toro e kile ya phetelwa Faro habedi, ke ho re, ke taba e tiisitsweng ke Modimo, mme Modimo o tla phakisa o e phethe.


Jehova o bonahaditse poloko ya hae, o pepesitse ho loka ha hae mahlong a ditjhaba.


Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.


Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!


jwalokaha o bone lejwe ha le kgephoha thabeng e seng ka matsoho a motho, le robaka tshepe, koporo, letsopa, silefera le kgauta. Modimo o moholo o tsebisitse morena se tlang ho etsahala kamorao ho mehla ena; toro ke ya nnete, mme kwahollo ya yona e tiile.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Mohlang oo, ho banna ba babedi ba tla beng ba le tshimong, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe;


Lona, le iponele. Bonang, ke le boleletse tsohle pele.


hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona;


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos