Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho nna: ‘Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa diketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha rea ka ra porofeta ka lebitso la hao na? mme ka lebitso la hao re leleka batemona? le ho etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha rea ka ra porofeta ka lebitso la hao na? mme ka lebitso la hao re leleka batemona? le ho etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:22
23 Referencias Cruzadas  

Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Boikgantsho ba batho bo tla fela, boikgohomoso jwa ba baholo bo kokobetswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:


Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.


Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.


Haele letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang; esita le mangeloi a lehodimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a nnotshi.


Barwetsana ba bang ba ntoo fihla, ba re: Morena, Morena, re bulele!


Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


Ke a le bolella hore: Ka tsatsi lela, motse oo o tla fihlelwa ke bothata bo fetisang ba Sodoma.


O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba,


Empa haele lona, banabeso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le wela ka sehloho jwaloka leshodu.


ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.


Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos