Yare ha Faro a atamela, bana ba Iseraele ba lelatsa mahlo, ba bona Baegepeta ba ba phalletse, mme ba tshoha hampe; bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova.
Numere 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao. BIBELE Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta. “ ‘Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao. |
Yare ha Faro a atamela, bana ba Iseraele ba lelatsa mahlo, ba bona Baegepeta ba ba phalletse, mme ba tshoha hampe; bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova.
Lengeloi la Modimo le eteletseng makgotla a Iseraele pele, la tloha, la tla ema kamora bona; mme topallo ya leru ya tloha kapele ho bona, ya fihla ya ema kamora bona.
Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.
Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;
Ke bile ke utlwile ho dumaela ha bana ba Iseraele, kamoo Baegepeta ba ba entseng makgoba kateng, mme ke hopotse selekane sa ka.
Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.
Bontata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra dula teng halelele. Empa Baegepeta ba re tubile, rona le bontata rona.
Re dumelle re fete naheng ya hao; re ke ke ra kgelohela masimong, leha e le merareng; re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re be re tswe meeding ya hao.
Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?
Kahobane a ratile bontatao, o ikgethetse ditloholo tsa bona kamora bona, mme o o ntshitse Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a hae a maholo,
Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.