Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 33:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke tla romela lengeloi ho o etella pele, mme ke tla leleka Bakanana, le Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:2
16 Referencias Cruzadas  

le la Baamore, le la Bakanana, le la Bagirgashe, le la Bajebuse.


Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.


Bajebuse, Baamore, Bagirgashe,


Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.


mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.


Seo ke o laelang sona kajeno o se ele hloko; bona, ke se ke tla leleka pela hao Baamore, le Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bahefe, le Bajebuse.


Hobane ke fela ke tla falatsa ditjhaba pela hao, ke atolose meedi ya hao, mme ha ho motho ya tla lakatsa fatshe la heno, mohla o nyolohang hararo ka selemo, ho ya hlaha pela Jehova, Modimo wa hao.


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


Jehova, Modimo wa hao, o tla falatsa ditjhaba tseo pela hao butle; o ke ke wa di qeta kaofela hang, esere mohlomong dibatana tsa naha tsa o atela haholo;


La tshela Jordane, la fihla Jeriko; beng ba Jeriko ba le lwantsha, ba ena le Baamore, le Baferese, le Bakanana, le Bagirgashe, le Baheve, le Bajebuse; ka mpa ka ba neela matsohong a lona.


Joshua a re: Hoo le tla tseba ka hona hobane Modimo o utlwang o hara lona, le hobane o tla lelekisa ruri pela lona Bakanana, le Bahethe, le Baheve, le Baferese, le Bagirgashe, le Baamore, le Bajebuse;


ka le namolela matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le tshwenya; ka ba lelekisa pela lona, ka ba ka le nea lefatshe la bona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos