Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 33:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena a bua ho Moshe, a re: “Tloha sebakeng sena, wena le setjhaba seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, o se ise naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: ‘Ke tla e nea ditloholo tsa hao.’

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:1
18 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.


Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.


Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.


Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.


Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.


Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ema, o theohe, hobane tjhaba sa hao, seo o se nyolotseng fatsheng la Egepeta, se itshentse.


Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.


A hleka ke nna ke emotseng setjhaba sena sohle na? A ke nna ke se tswetseng, ha o tla re: Se jare ka sefubeng sa hao, jwaloka moanyesi ha a jara ngwana ya anyang, se be se fihle naheng eo o hlapanyeditseng bontata sona hoba o tla se nea yona na?


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos