Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke bile ke utlwile ho dumaela ha bana ba Iseraele, kamoo Baegepeta ba ba entseng makgoba kateng, mme ke hopotse selekane sa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Hape ke bile ke utlwile le sello sa bana ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makgoba a bona, mme ke hopotse selekane sa ka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:5
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o hopola Nowe, le diphofolo tsohle, le makgomo kaofela a ho yena arekeng; mme Modimo o a fokisa moya lefatsheng, mme metsi a kgwehla.


mme ke tla elellwa selekane sa ka se mahareng a ka le lona, le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle, mme metsi a ke ke a boela a etsa morwallo, ho fedisa nama yohle.


O hopola selekane sa hae ka ho sa yeng kae, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete:


Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.


Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Morena wa Egepeta a re ho bona: Ke ka baka lang, Moshe le Aarone, ha le tlohedisa setjhaba mesebetsi ya sona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


o hlokometse Iseraele, mohlanka wa hae, a tle a hopole mohau,


hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos