Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O re dumelle ho feta ka naha ya hao; re ke ke ra tsamaya hara masimo, leha e le hara merara, mme re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re sa kgelohele ho le letona, kapa ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra tsamaya hara masimo, kapa hara dirapa tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba. Re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi; re ke ke ra thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:17
7 Referencias Cruzadas  

Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,


Eitse ha morena wa Arade, e leng Mokanana, ya neng a ahile ka nqa borwa, a utlwa hoba Baiseraele ba tla ka tsela ya Atharime, a lwantsha Baiseraele, mme a kgutla a hapile ba bang.


A nke ke fete ka naha ya hao. Ke tla tsamaya ka tsela a bohle feela, ke sa fapohe ho ya ka letsoho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.


Ke tla reka ho wena ka tjhelete dijo tseo ke tla di ja, mme o nnee ka tjhelete metsi ao ke tla a nwa; ke rata ho feta feela ka maoto a ka.


O nketsetse jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire ba nketseditse, le jwaloka Bamoabe ba ahileng Are, ke be ke tshele Jordane, ke fihle lefatsheng leo Jehova, Modimo wa rona, a re neang lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos