Numere 20:17 - BIBELE17 Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra tsamaya hara masimo, kapa hara dirapa tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba. Re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi; re ke ke ra thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)17 O re dumelle ho feta ka naha ya hao; re ke ke ra tsamaya hara masimo, leha e le hara merara, mme re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re sa kgelohele ho le letona, kapa ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao. Ver Capítulo |