O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.
Numere 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele. BIBELE Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele. |
O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.
Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.
Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.
mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.
Ha ho letswa e le nngwe feela, marena, e leng dihlooho tsa dikete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena.
Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.
ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, dihlooho tsa phutheho, batho ba baholo ba lekgotla, banna ba mabitso.
Bara ba Eliabe ke boNemuele, Dathane le Abirame. Ke Dathane eo le Abirame eo, banna ba neng ba memelwa phutheho, ba kileng ba lwantsha Moshe le Aarone sehlopheng sa Kore, mohla ba ikgantshetsang Jehova.
Moshe a bua le marena a meloko ya bana ba Iseraele, a re: Ke sena se laelwang ke Jehova:
Yaba marena a Iseraele, dihlooho tsa matlo a bontata bona, tseo e leng marena a meloko, a beilweng ho hlahloba ho balwa ha setjhaba, a hlahisa dikabelo tsa wona.
Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.
Gideone a re ho yena: Oho, Monghadi, ke tla namolela Iseraele kang? Bona, ntlo ya heso ke e fumanehileng hara matlo a Manasse, mme nna ke e monyenyane ho ba ntlo ya ntate.
Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,
Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.