Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:4
19 Referencias Cruzadas  

Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.


Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele.


Ke bona bao ba kileng ba ngolwa ke Moshe le Aarone, ba ena le banna ba leshome le metso e mmedi, marena a Iseraele; ho ne ho na le monna ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona.


O tla ngola lebitso la e mong le e mong thupeng ya hae, mme o tla ngola lebitso la Aarone thupeng ya Levi; hobane ho tla ba thupa e le nngwe ka morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.


Lebitso la monna eo wa Iseraele ya hlabilweng, ya neng a bolawe le mosadi wa Midiane, e ne e le Simri, mora Salu, morena wa ntlo e nngwe ya bontata Basimeone.


Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.


Moshe a bua le marena a meloko ya bana ba Iseraele, a re: Ke sena se laelwang ke Jehova:


Moshe, le Aarone, le marena a phutheho, ba ngola bara ba Kehathe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,


Yaba marena a Iseraele, dihlooho tsa matlo a bontata bona, tseo e leng marena a meloko, a beilweng ho hlahloba ho balwa ha setjhaba, a hlahisa dikabelo tsa wona.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


a ena le dikgosana tse leshome, kgosana e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata meloko yohle ya Baiseraele, e nngwe le e nngwe e le hlooho ya ntlo ya bontata bona hara dikete tsa Baiseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos