Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:4 - BIBELE

4 Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:4
19 Referencias Cruzadas  

Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.


Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.


Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele.


Bana ke bona bohle bao bo-Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ba ena le mahosana a Iseraele, e leng banna ba leshome le metso e mmedi; e mong le e mong wa bona e le hlooho ya lelapa labo.


Lebitso la Arone lona o le ngole hodima molamu wa Levi. Mookamedi e mong le e mong wa lelapa la bo-ntatae a be le molamu o le mong.


Lebitso la monna wa Moiseraele, ya ileng a bolawa mmoho le mosadi wa Momidiane, e ne e le Simeri, mora wa Salo, kgosana ya ntlo ya morabe wa Simeone.


Morena a re ho Moshe: “Nka baetapele bohle ba setjhaba, o ba fanyehe kapele ho Morena, motsheare, tsatsi le itse nte! Kgalefo ya Morena e tlokomang e tle e faposwe Baiseraele.”


Moshe a bua ho mahosana a bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng:


Yaba bo-Moshe le Arone, le mahosana a setjhaba, ba bala bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;


Ha etswa nyehelo ke mahosana a Iseraele, ao e neng e le dihlooho tsa matlo a bo-ntata wona; ke wona mahosana a merabe, a neng a hlokometse ho balwa ha setjhaba.


“Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona.


Ba mo roma le mahosana a leshome, kgosana e nngwe le e nngwe e le ya lelapa ka leng la malapa wohle a Iseraele, mme kgosana e nngwe le e nngwe e le hlooho ya lelapa labo yona hara merabe ya Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos