Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:25
9 Referencias Cruzadas  

Naha ya Egepeta e pela hao; bea ntatao le banabeno naheng e fetisang ka botle, o ba bee naheng ya Goshene, mme ha o tseba banna ba mahlahahlaha hara bona, o ba bee bahlahlobi ba mehlape ya ka.


Yaba Davida o bala setjhaba seo a nang le sona, a se beela balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


Yaba Moshe o mamela keletso ya mohwehadi wa hae, a etsa tsohle tseo a mmoleletseng tsona.


Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele.


mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.


Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos