Yaba Shekania, mora Jehiele, wa bara ba Elame, o bua, a re ho Esdrase: Re ikgantsheditse Modimo wa rona, re nyetse basadi basele ba ditjhaba tsa lefatshe lena; leha ho le jwalo, tshepo e sa le teng bakeng sa Iseraele hodima taba eo.
Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo.
Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.