Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 18:24 - BIBELE

24 Moshe a mamela lentswe la mohwe wa hae, mme a etsa sohle seo a se boletseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba Moshe o mamela keletso ya mohwehadi wa hae, a etsa tsohle tseo a mmoleletseng tsona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:24
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Shekaniya, mora wa Jehiele, e leng e mong wa bara ba Elame, o re ho Esera: “Re sitetswe Modimo wa rona, re nyetse basadi ba baditjhaba ba ahileng naheng ena, empa ha e le tabeng ena, tshepo e sa le teng bakeng sa Baiseraele.


Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya.


A ba etella pele ba sireletsehile, tshabo ba se na yona, dira tsa bona tsa kwahelwa ke lewatle.


Jwale ako mamele lentswe la ka; ke tla o eletsa, mme Modimo a ke a be le wena! E be wena ya bang lebitsong la setjhaba kapele ho Modimo, ditaba tsa bona o di tlise kapele ho Modimo.


Haeba o ka etsa taba ena, jwalokaha Modimo a o laela, o tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le setjhaba sena sohle se tla kgutlela malapeng a sona ka kgotso.”


Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.


Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,


Leihlo le ke ke la re ho letsoho: “Ha ke o hloke;” le hlooho e ke ke ya re ho maoto: “Ha ke le hloke.”


“Ka nako eo ke ile ka bua ho lona, ka re: ‘Ke sitwa ho jara boikarabelo tabeng tsa lona ke le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos