Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:16 - BIBELE

16 Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:16
20 Referencias Cruzadas  

Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Lapeng la Nafthali e be Ahira mora wa Enane.”


Jwale Moshe le Arone ba nka banna bana ba boletsweng ka mabitso:


Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.”


Empa ha ho letswa terompeta e le nngwe, mahosana, e leng dihlooho tsa diketekete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena.


Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.


banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng.


Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, le Datane, le Abirame. Datane le Abirame ke bona ba neng ba kgethilwe ke setjhaba, mme ke bona ba kileng ba lwantsha Moshe le Arone, ba ena le ba sehlopha sa Kora, ha bao ba ne ba fetohela Morena.


Moshe a bua ho mahosana a bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng:


Ha etswa nyehelo ke mahosana a Iseraele, ao e neng e le dihlooho tsa matlo a bo-ntata wona; ke wona mahosana a merabe, a neng a hlokometse ho balwa ha setjhaba.


“Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona.


Gideone a re ho Morena: “Oho, Morena ka, ke tla namolela Baiseraele ka eng? Bona, lelapa leso ke lona le fokolang haholo morabeng wa Manase, mme nna ke wa ho fejana lapeng leso.”


Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo,


Ka baka leo, hlokomelang, le tsebe diforo tsohle tseo a ipatang ho tsona, ebe le ntsebisa seo e leng nnete, mme ke tla ya le lona. Haeba a ntse a le naheng eo, ke tla mmatla hara setjhaba sohle sa Juda.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos