Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”

Ver Capítulo Copiar




Mikea 5:2
57 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tloha Bethele, mme yare ho sa ntse ho le sebakanyana ho ya fihla Efrata, Ragele a itshihlolla, mme a ba le pelehi e thata.


Ragele a shwa jwalo, mme a epelwa tseleng e yang Efrata, e leng yena Bethlehema.


Haele nna, ya na ya re ha ke kgutla Paddane, ka shwelwa ke Ragele naheng ya Kanana, tseleng, ho sa setse sebaka se seng sekae ho ya fihla Efrata, mme ka mo pata teng tseleng e yang Efrata, ke ho re, Bethlehema.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Bara ba Salma ke Bethlehema, Banethofathe, Athrothe-Bethe-Joabe, le mothapo o mong wa Bahammanahthi, le Batsore.


hape ke Penuele ntata Gedore, le Esere ntata Husha. Bao ke bara ba Hure, letsibolo la Efrata, ntata Bethlehema.


Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.


Bona, ra na ra utlwa areka ha e bolelwa Efrata, ra e fumana naheng ya Jaare.


Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.


Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.


O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.


Bonang, ke mo ntshitse ho ba paki ho ditjhaba, e be motsamaisi le molaodi wa ditjhaba.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Monga hae e tla ba ya tswang ho yena, mmusi wa hae e be ya hlahang ho yena; ke tla mo atametsa, a tle a be haufi le nna; hobane ke mang ya neng a ka beta pelo hore a atamele ho nna, ho bolela Jehova?


A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.


Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;


Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.


Hape, ho no ho manehilwe lengolo kahodimo ho yena, le ngodilweng ka diletere tsa Segerike, le tsa Seroma, le tsa Seheberu, le reng: Enwa ke morena wa Bajuda.


Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Ke yena ya leng kapele ho dintho tsohle, mme tsohle di eme ka yena.


Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.


hobane ho tsejwa hoba Morena wa rona o hlahile lelokong la Juda, e leng leo Moshe a sa kang a le abela boprista.


Se neng se le teng esale ho qaleng, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng, seo matsoho a rona a se amileng, e leng sa lentswe la bophelo —


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re:


A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.


Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.


Tshiung tseo ho neng ho busa baahlodi, tlala ya wela lefatshe la Iseraele. Yaba monna e mong wa Bethlehema-Juda o tloha, a ya jaka naheng ya Moabe, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi.


Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!


Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.


Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.


Le dipolokwe tsena tsa mafi tse leshome, o di ise ho molaodi wa sekete sa bona, mme o bone hore na banabeno ba sa dutse hantle, o ntoo boya le taba tsa bona.


Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.


O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos