Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka baka leo, o tla ba neela dira, ho tle ho be ho fihle nako eo mobelehi a tla beleha ka yona; mme banababo ba setseng ba tla be ba kgutle hammoho le bara ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Kahoo Morena o tla furalla Baiseraele, a ba furalle ho fihlela mosadi a beleha; ke moo Baiseraele ba tla kgutla, ho kgutle Baiseraele ba phonyohileng, ba kgutle, ba ikopanye le bana babo bona.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 5:3
31 Referencias Cruzadas  

O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Le se ke la etsisa bontata lona, leha e le banababo lona ba sitetsweng Jehova, Modimo wa bontata bona, a ba a ba neela tshenyehong, jwalokaha le bona.


Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.


Ka baka leo, ke tla mo amoha koro ya ka nakong ya yona, le veine ya ka nakong ya yona, ke mo amohe boya le lene tsa ka tseo a apesang bofeela ba hae ka tsona. Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae ka tsona.


Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


se hlotsang ke tla se etsa masala, se lahletsweng hole ke se etse setjhaba se matla, mme ho tloha moo, Jehova o tla ba busa thabeng ya Sione, ka ho sa yeng kae.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Wena, o tla ja, empa o ke ke wa kgora, mme tlala e tla dula maleng a hao; o tla re o a balehisa, empa o ke ke wa pholosa, mme seo o ka se pholosang ke tla se neela lerumo!


Empa lefatshe le tla senyeha ka baka la baahi ba lona, ka baka la tholwana ya metsamao ya bona.


Ke tla natlafatsa ntlo ya Juda, ke sitse le ntlo ya Josefa ka poloko; ke tla ba ahisa, hobane ke ba hauhetse; ba tla ba jwaloka hoja ke sa ka ka ba lahla, hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona, mme ke tla ba utlwa.


O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.


Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos