Eo a namileng ho yena a a ke a je tseo a nang le tsona kaofela, basele ba ke ba lobele tseo a di ruileng ka ho sebetsa ha hae.
Nehemia 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo. BIBELE Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!” Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo. |
Eo a namileng ho yena a a ke a je tseo a nang le tsona kaofela, basele ba ke ba lobele tseo a di ruileng ka ho sebetsa ha hae.
Jehova, moeti wa hao e tla ba mang tenteng ya hao? E tla ba mang ya tlang ho aha thabeng ya hao e halalelang?
ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.
Pelo ya ka e nkgopotsa ha o itse: Batlang sefahleho sa ka! Le jwale, Jehova, ke batla sefahleho sa hao.
Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)
Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?
bohale ba ka bo tla tuka, mme ke tla le bolaya ka lerumo, basadi ba lona e be bahlolohadi, le bana ba lona e be dikgutsana.
Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.
Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.
Morena Jehova o re: Oho, marena a Iseraele, ho lekane! Tlosang bothata le tshenyo, etsang ka taelo le ka ho loka; le se ke la hlola le leleka setjhaba sa ka: ho bolela Morena Jehova.
Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.
O se ke wa mo ja ka katiso, o se ke wa rua ka yena; o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele ha eno.
Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho.
Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.
Empa mohla Kefase a tlileng Antioke, ka mo hanyetsa mahlong, hobane a ne a tshwanelwa ke ho nyatsuwa.
Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.