Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 4:4
17 Referencias Cruzadas  

Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


SHIN. Marena a ntlhorisa feela; empa pelo ya ka e thothometswa ke mantswe a hao feela.


Oho Modimo, ke bitsa ho wena, hobane o a nkutlwa; sekehela tsebe ho nna, o mamele polelo ya ka.


Sebeletsang Jehova ka tshabo, mme le thabe le ntse le thothomela!


Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Lefatshe kaofela a le ke le tshabe Jehova! Baahi bohle ba lefatshe a ba ke ba thothomele pela hae!


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


Ha ke o hopola ke sekame diphateng tsa ka, ke ntse ke nahana tsa hao ka dinako tsa bosiu.


Bosiu ke elellwa dipina tsa ka, ke losa pelong ya ka, mme moya wa ka o a nahana.


Mmila wa ba lokileng ke ho nena bobe, ya elang metsamao ya hae hloko o boloka moya wa hae.


Makgopo a phekolwa ke mohau le nnete, mme ke ka ho tshaba Jehova batho ba phemang bobe.


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!


Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona; na ha le itemohele hoba Kreste o ka ho lona, haese hoba mohlomong le le ba se nang ho amohelwa!


Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos