Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:7 - BIBELE

7 Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!” Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:7
25 Referencias Cruzadas  

Moadimani a ke a mo amohe sohle seo a nang le sona; batho basele ba ikgapele tholwana tsa mofufutso wa hae.


Pesalema ya Davida. Morena, ke mang ya ka dulang ka Tempeleng ya hao? Ke mang ya ka ahang thabeng ya hao e halalelang?


Ha a adimane ka tjhelete ho iphumanela phaello, ha a amohele tjotjo ho ahlola ya se nang molato. Ya etsang tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla.


Pelo ya ka e lohotha wena, e re: “Batla fahleho sa hae.” Ruri ke batla fahleho sa hao, wena Morena.


Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.


Ke mang ya tla ntshireletsa ho ba kgopo? Ke mang ya tla mpuella ho ba bolotsana?


Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana.


“Ha o adima mofutsana e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, o se be jwaloka baadimani ba tjhelete, wa batla tswala ya yona.


Ho kgalema motho sefahlamahlo ho molemo ho feta rato la lekunutu.


Ba tlolang molao ba thoholetsa ba kgopo, empa ba o bolokang ba hanyetsana le ba kgopo.


Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


O se ke wa mmatla tswala kapa phaello, o mpe o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele le wena.


empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse.


Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.


Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be ya o nyedisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos