Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Teng, ka re ho bona: Re lopolotse banababo rona ba Bajuda, ba neng ba rekisitswe ditjhabeng, ka seo re neng re na le sona; mme ke lona kajeno le yang ho rekisa ka banababo lona! Hape, le re, ba ya ithekisa ho rona na? Yaba ba kgutsa, ba sa fumane taba eo ba ka fetolang ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:8
14 Referencias Cruzadas  

Yaba ke re: Seo le se etsang hase setle. Ha ke re, le ne le tshwanetse ho tsamaya tshabong ya Modimo wa rona, re tle re se ke ra kgoptjwa ke ditjhaba tseo e leng dira tsa rona?


lentswe la baeletsi le ne le kgutsa, leleme la bona le ne le kgomarela mahalapa a bona;


Ba tsielehile, ha ba sa araba letho! Ba timeletswe ke puo!


Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.


A re ho yena: Mokana ka, o kene jwang mona, o se na kobo ya bohadi na? Eo a hloka puo.


A nea e mong ditalenta tse hlano, e mong a mo nea di le pedi, e mong a newa e le nngwe; e mong le e mong a newa ka matla a hae; yaba o a tsamaya.


Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.


Ekare ha o swabisa ngwaneno ka baka la sejo se seng, teng ha o tsamaye ka lerato. O se ke wa fedisa ka sejo sa hao motho eo Kreste a mo shwetseng.


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Mme jwale, ngwaneno eo ya fokolang, eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ke tsebo ya hao!


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.


Ekare ha o fumana motho ya utswitseng e mong wa banababo, e mong wa bana ba Iseraele, mme a mo entse lekgoba, kapa a rekile ka yena, leshodu leo le ke le shwe; ho tloswe bobe haeno jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos