Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 bohale ba ka bo tla tuka, mme ke tla le bolaya ka lerumo, basadi ba lona e be bahlolohadi, le bana ba lona e be dikgutsana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:24
21 Referencias Cruzadas  

Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.


Hobane teng, ditefetso tsa Modimo di ne di tla ntshosa, ke ne ke tla sitwa ho ema pela bophahamo ba wona.


Hobane molomo wa e mobe le molomo wa mothetsi e nkahlametse ho ntwantsha;


Bana ba hae e ke e be dikgutsana, mosadi wa hae e be mohlolohadi.


ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.


O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele!


Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa?


Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?


Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.


Ka baka leo, o neele bana ba bona tlala, o ba telle lerumo; basadi ba bona ba hloke bana, e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu, le bahlankana ba bona ba hlajwe ke lerumo ntweng.


Re entswe dikgutsana tse se nang ntata tsona, bomma rona ba jwaloka bahlolohadi.


Ekare ha ngwaneno ya pela hao a fumaneha, mme letsoho la hae le fokola mosebetsing, o mo thole; o etse jwalo le ho motho wa setjhaba sesele, leha e le ho moeti, a tle a phele ha eno.


O se ke wa mo ja ka katiso, o se ke wa rua ka yena; o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele ha eno.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.


O ka adima moditjhaba ka ho batla phahello; o mpe o adime ngwaneno o sa batle phahello, hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao naheng eo o yang ho e rua.


Etlere ha o itlamile ka kano ho Jehova, Modimo wa hao, o se ke wa dieha ho e phetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla e botsa ho wena, mme sebe se tla ba teng ha o ka dieha.


Ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo o phelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos