La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Bajuda kaofela ba boela ba tlisa karolo ya leshome ya koro le ya veine e ntjha le ya ole medikong.

Ver Capítulo

BIBELE

Bohle ba morabe wa Juda ba tlisa ka matlung a polokelo karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole.

Ver Capítulo



Nehemia 13:12
9 Referencias Cruzadas  

Yaba o laela setjhaba, e leng baahi ba Jerusalema, hore ba ntshe kabelo ya baprista le ya Balevi, hore ba bolokisise molao wa Jehova.


Eitse hobane taelo e tume, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tse ngata tsa koro, tsa veine e ntjha, tsa ole, tsa dinotshi, le tsa tsohle tse bewang ke masimo; ba tlisa le karolo ya leshome ya ntho tsohle.


Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.


Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Na motho ha a tshabe ho thetsa Modimo, haele moo lona le nthetsa? Mme le re: Re o thetsa ho eng? Ke karolong ya leshome ya tseo le di ruileng le seabong.


O kgethisise karolo ya leshome ya dintho tsohle tse hlahiswang ke peo tsa hao, tse melang masimong a hao ka selemo se seng le se seng.