Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:12 - BIBELE

12 Bohle ba morabe wa Juda ba tlisa ka matlung a polokelo karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Bajuda kaofela ba boela ba tlisa karolo ya leshome ya koro le ya veine e ntjha le ya ole medikong.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:12
9 Referencias Cruzadas  

Hesekiya a laela setjhaba se neng se ahile Jerusalema hore se ntshe seabo se newang baprista le Balevi, e le hore ba thahaselle ho phetha Molao wa Morena.


Hoba taelo ena e anele hohle, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tsa koro, le tsa veine, le tsa ole, le tsa mahe a dinotshi, le dilopotsiya tsa tsohle tse tswang masimong. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tsa bona, mme ba di tlisa ka bongata.


Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.


“ ‘Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela.


Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.


“Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa. “Le boetse le re: ‘Re o qhekanyeditse jwang?’ “Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona.


“Ka selemo se seng le se seng, o tla fana ka karolo e le nngwe ho tse leshome, tsa kotulo yohle e tswang tshimong ya hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos