Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka bea moprista Shelemia, le mongodi Tsadoke, le Pedaia wa Balevi bahlahlobi ba mediko, mme ka ba ekeletsa ka Hanane, mora Sakkure, mora Matthania; hobane e ne e le bao ekang ba ka tshepuwa, mme ba laelwa hore ba arolele banababo bona dikabelo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka kgetha moprista Shelemiya, le Sadoke eo e neng e le mongodi, le Pedaya wa Molevi, ho ba baokamedi ba matlo a polokelo. Ba ne ba tlatsitswe ke Hanane, mora wa Sakure, setloholo sa Mataneya, hobane ba ne ba tshepahala, mme mosebetsi wa bona e le ho nea bana babo bona diabo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:13
20 Referencias Cruzadas  

Ba ne ba sa bale le banna bao ditjhelete tse bewang matsohong a bona, hore ba di nee ba sebetsang mosebetsi, kahobane ba ne ba etsa ka botshepehi.


Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.


Ba mpe ba se ke ba ballwa ditjhelete tse bewang matsohong a bona, kahobane ba etsa ka botshepehi.


Sakkure, Sherebia, Shebania,


Moprista, mora Aarone, o tla ba le Balevi, mohla Balevi ba nkang karolo ya leshome, mme Balevi ba tla tlisa karolo ya leshome ya karolo ya leshome tlung ya Modimo wa rona, dikamoreng tsa ntlo ya bobolokelo.


Mohlahlobi wa Balevi ba neng ba le Jerusalema e ne e le Ussi, mora Bani, mora Hashabia, mora Matthania, mora Mikea, wa bara ba Asafe, bao e neng e le dibini tse etsang tshebeletso ya ntlo ya Modimo.


le bara ba baprista ba tshwereng diterompeta, Sakaria, mora Jonathane, mora Shemaia, mora Matthania, mora Mikea, mora Sakkure, mora Asafe,


Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.


Kapele ho eo, Hanania, mora Shelemia, le Hanune, mora wa botshelela wa Tsalafe, ba lokisa sekoto se seng. Kapele ho bona, Meshullame, mora Berekia, a lokisa maloka le kamore ya hae.


Ka bea Hanani ngwaneso, le Hanania, molaodi wa qhobosheane, hore ba lebele Jerusalema; hobane e ne e le monna wa sebele, ya tshabang Modimo ho feta,


Esdrase, mongodi, o ne a eme hodima sethala sa difate se etseditsweng hono hoo. Mabapa le yena, letsohong le letona, ho ne ho eme Matthithia, le Shema, le Anaia, le Uria, le Hilkia, le Maaseia; ho le letshehadi ho no ho eme Pedaia, le Mishaele, le Malkia, le Hashume, le Hashbaddana, le Sakaria, le Meshullame.


Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?


ba e bea maotong a baapostola; mme e mong le e mong o ne a abelwa kamoo a hlokang kateng.


Mehleng eo, ha barutuwa ba se ba atile haholo, Bajuda ba Bagerike ba korotla ka Bajuda ba Baheberu, ka ho re, basadi ba bahlolohadi ba bona ha ba hlokomelwe phepong ya letsatsi le leng le le leng.


Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.


Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.


Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:


Le bona ba tshwanetse ho lekwa pele, ba ntoo bewa bahlanka, ha ba se na sekodi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos