Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Na motho ha a tshabe ho thetsa Modimo, haele moo lona le nthetsa? Mme le re: Re o thetsa ho eng? Ke karolong ya leshome ya tseo le di ruileng le seabong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa. “Le boetse le re: ‘Re o qhekanyeditse jwang?’ “Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 3:8
18 Referencias Cruzadas  

busetsang ho Jehova kganya ya lebitso la hae! Kgumamelang Jehova ka mekgabo e kgethehileng.


E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.


Ha o a ka wa ntlhabela ditjheso tsa dinku tsa hao, ha o a ka wa ntlotlisa ka mahlabelo a hao; ha ke a ka ka o etsetsa boima, ka ho re: O nnyehelle; leha e le ho o kgathatsa, ka ho kopa dibano.


Ka selemo sa bohlano le tla itjella ditholwana tsa tsona, mme ya be esale le ikgella tsona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Yaba le re ho nna: Lona ke thohako e tswelang hodima lefatshe, hobane e mong le e mong ya utswang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ngotsweng ka nqa e nngwe ho lona, mme e mong le e mong ya hlapanyang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ka nqa e nngwe.


Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.


Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.


Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.


Yaba Jesu o ba araba, a re: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.


Yaba o re ho bona: Ha ho le jwalo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo.


Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.


Wena ya reng, ho se ke ha fejwa, o a feba! Wena ya hloyang ditshwantsho tsa medimo, o utswa tseo e leng tsa medimo!


Baiseraele ba entse sebe; ba tlotse selekane sa ka seo ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsweng anathema; ba utswitse, hape ba patile, hapehape ba kentse dintho tseo diphahlong tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos