Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 3:8 - BIBELE

8 “Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa. “Le boetse le re: ‘Re o qhekanyeditse jwang?’ “Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Na motho ha a tshabe ho thetsa Modimo, haele moo lona le nthetsa? Mme le re: Re o thetsa ho eng? Ke karolong ya leshome ya tseo le di ruileng le seabong.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 3:8
18 Referencias Cruzadas  

Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena; kgumamelang Morena le kgabile, le kgabile ka tse halalelang.


E mong o fana haholo, leruo le mo atele, e mong e be lekgonatha, bofuma bo mo aparele.


Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso.


Empa ka selemo sa bohlano le ka ja ditholwana tsa sefate seo, hore se tle se le behele ditholwana tse ngata. Ke nna Morena Modimo wa lona.


Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa.


Le bile le re: ‘Ke ntho e tenang hakaakang!’ mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena.


Na ke hantle ha le nyehela ka phoofolo e foufetseng, le nketsetsa sehlabelo ka phoofolo e hlotsang kapa e kulang? Lekang feela le nyehelle mmusi wa lona ka phoofolo e jwalo! Na hoo ho ka mo thabisa? Na le ka amoheleha ho yena?” ho rialo Morena wa mabotho.


Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.”


Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.


A re ho bona: “Jwale he, neang Sesare seng sa Sesare le Modimo seng sa Modimo.”


Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.


Wena o reng ho se ke ha fejwa, na ha o febe? Wena ya nyonyang medimo ya bohata, na ha u utswe tsa ditempele?


Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos