Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

44 Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:44
17 Referencias Cruzadas  

Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


Ho Balevi, Akija a bewa molebedi wa matlotlo a ntlo ya Modimo le wa matlotlo a ntho tse halalelang.


Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.


le matsibolo a bara ba rona le a dikgomo tsa rona, kamoo ho ngodilweng kateng molaong; le ho tlisa tlung ya Modimo wa rona, ho baprista ba etsang tshebeletso tlung ya Modimo wa rona, matsibolo a dikgomo tsa rona le a dinku tsa rona.


Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


ya abetsweng tshebeletso, a tiye tshebeletsong; ya rutang, a tiye ho ruteng;


a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos