Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:44 - BIBELE

44 Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:44
17 Referencias Cruzadas  

Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena.


Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang.


Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo.


“Jwalokaha ho ngotswe Molaong, re tla tlisa matsibolo a bara ba rona, le a diphoofolo tsa rona, le a mehlape ya dikgomo tsa rona, le a dikgutshwane tsa rona, ka Tempeleng ya Morena, re a nee baprista ba sebeletsang ka Tempeleng ya Morena.


Ho lehlohonolo motho ya mmamelang, ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.


empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.


Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”


ya neilweng ho sebeletsa, a sebeletse; ya neilweng ho ruta, a rute;


O tla ja seabo se tshwanang le sa baprista ba bang, kahodimo ho hoo a ho fumanang ka ho rekisa dintho tsa hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos