Nehemia 12:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)43 Tsatsing leo, Baiseraele ba hlaba mahlabelo a maholo, mme ba thaba, hobane Modimo o ne o ba thabisitse ka thabo e kgolo; esita le basadi le bana ba nna ba thaba, thabo ya Jerusalema ya ba ya utlwahala hole. Ver CapítuloBIBELE43 Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole! Ver Capítulo |
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.