Nehemia 12:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a tswala Jojakime, Jojakime a tswala Eliashibe, Eliashibe a tswala Jojada; BIBELE Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada, |
Haele Balevi, mabitso a dihlooho tsa matlo a bontata bona a ngolwa mehleng ya Eliashibe, le Jojada, le Johanane, le Jaddua; baprista bona, mabitso a dihlooho tsa bona a ngolwa mehleng ya puso ya Dariuse, Mopersia.
Bao ba ne ba le teng mehleng ya Jojakime, mora Joshua, mora Jotsadake, le mehleng ya Nehemia, mmusisi, le ya Esdrase moprista le mongodi.
E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.
Tseo di eso ho be teng, Eliashibe, moprista ya neng a beilwe mohlahlobi wa dikamore tsa ntlo ya Modimo wa rona, e le wa habo Tobia,
Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo.
Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.